Netefatsang hore lekhanselara la lona le a phethisa

Ebang le seabo mme le dule le nka karolo

Ho kgetha dikgethong tsa mmuso wa lehae ke mohato feela wa pele wa ho netefatsa mmuso wa lehae wa batho o fanang ka ditshebeletso tse hlokwang ke setjhaba. Tshebetso e thata le ho feta e tswellang ke ho netefatsa hore ba kgethilweng ba phethisa ditshepiso tsa bona.

Behang leihlo hore lekhanselara la lona le sebetsa jwang

Aforika Borwa ha e na motjha wa ho tlosa mokgethwa setulong wa semmuso. Dinaheng tse ding, ho a kgonahala ho fedisa mosebetsi wa lekhanselara ka ho bokella batho ba lekaneng ho tswa ho bakgethi ba lehae ho saena ho tshehetsa phethishene ya ho fedisa mosebetsi. Ha sena se sa kgonahale Aforika Borwa, le na le matla mme le ka etsa ho hong ho netefatsa hore makhanselara a phethahatsa ditshepiso tsa dikgetho tsa bona.

Batlang tse latelang:

  • Na lekhanselara la lona le ikemiseditse ho ngola ditshepiso?
  • Na lekhanselara la lona ha le hlakise hore dintho di tla phethahatswa neng, kapa ba tshepisa ho etsa dintho tse ding ka letsatsi le behetsweng?
  • Na lekhanselara la lona le phethisitse dintho tsa bohlokwa tse batlwang? Ebang ho se jwalo, na ba kgona ho fana ka mabaka a utlwahalang a ho se phethise?
  • Na lekhanselara la lona le sebetsa le setjhaba sa heno ho hlwaya ditaba tsa bohlokwa
  • Na lekhanselara la lona le isa dingongoreho, ditaba le diqeto tsa setjhaba ho lekgotla kapa diofisiri tsa masepala?
  • Na lekhanselara la lona ka mehla le tlisa tsebiso setjhabeng, ka boemo ba ditaba ba masepala, bo kenyeletsang ditjhelete tsa oona?

Hopolang: Haeba lekhanselara le sa phethise, le ka batla le ho etsa letsholo la hore a lebohe mosebetsi. Ho leboha mosebetsi ha lekhanselara la wate ho tla baka dikgetho tsa tlatsetso tse tla lefa monyetla o mong wa ho netefatsa hore bakgethwa ba nka seo le se batlang se le bohlokwa. Lekhanselara la PR le nkelwa sebaka ke le leng ka ho sebedisa lenane la mokgatlo. Ketsahalong ena, batlang hore mokgatlo o kopane le setjhaba sa lona pele o kgetha lekhanselara le leng.

Kenelang dikopano tsa lekgotla la motse

Batho ba na le tokelo ya ho kenela boholo ba dikopano tsa lekgotla la motse. Sebedisang sena ho netefatsa hore lekgotla la motse le sebetsa ka mokgwa o hlakileng o tsebahalang. Lekgotla la motse la masepala le dikomiti tsa lona le tlameha ho bulela setjhaba dikopano tsa lona ha se ameha ho tse latelang:

  • Ditumellano tsa phano ya ditshebeletso
  • Tekanyetso ya ditjhelete
  • molawana ofe kapa ofe
  • tokiso efe kapa efe Moralong wa Ntshetsopele o Kopaneng
  • mokgwatshebetso wa tsamaiso ya tshebetso le ditokiso tsa oona. (Karolo ya 160 (4) ya Molao wa Motheo; karolo ya 19 ya Molao wa Mekgwatshebetso ya Masepala)

Motsamaisi wa masepala o tlameha ho tsebisa setjhaba ka nako, letsatsi le sebaka sa kopano e nngwe le e nngwe e tlwaelehileng ha mmoho le kopano efe kapa efe e ikgethang kapa e potlakileng ya lekgotla la motse. Mokgelo ke haeba ditaba tseo ho buuwang ka tsona di potlakile haholo hoo ho sa kgonahaleng ho tsebisa setjhaba. Maemong a mang lekgotla la motse le ka tshwara dikopano tse sa batleng setjhaba ao ho utlwahalang hore e etse jwalo. Pehelo eo kopano e ka se batleng setjhaba ka yona e tlameha ho bolelwa molaong.

Leha dikomiti tsa lekgotla la motse la masepala le tsona di tlameha ho bulela bohle, ha ho na tlhoko molaong ya ho tsebisa setjhaba ka dikopano tsa komiti. Sena se etsa hore ho be boima ho ba le seabo. Iteanyeng le lekhanselara kapa modulasetulo wa komiti ya lona (kapa hlooho ya potefoliyo) ho botsa hore dikopano tsa komiti tsa ditaba tse le amang di tla tshwarwa neng le hona hokae. Ba tsebiseng haeba le hloka thuso e jwalo ka dipalangwang, tlhokomelo ya bana kapa ho toloka hore le be le seabo.

Bobodu mmusong wa lehae 

Ka 2011 Institjhute ya Demokerasi Aforika (Idasa) e entse phuputso ya ho kgotsofala ha baahi ba Aforika Borwa ba batho ba baholo bomasepaleng ba 21 Mpumalanga, Limpopo, KwaZulu-Natal le Leboya Bophirima. Tlaleho e fumane hore batho ba bangata ba ne ba sa thabiswa ke makhanselara a bona – “diphesente tse 66 tsa ba arabileng di nahana hore basebetsi ba mmuso le makhanselara ba una molemo poraeveteng ka mokgwa o se nang botshepehi ka disebediswa tse etseditsweng phano ya ditshebeletso...”

(Mohlodi: Idasa, Boemo ba Puso ya Lehae ka Pono ya Baahi The State of Local Governance from a Citizen Perspective,2011, leq. la 32)