Leba lekgotleng la dinyewe

O na le tokelo ya ho ya lekgotleng la dinyewe ho sireletsa ditokelo tsa hao. Haeba ho na le taba e potlakileng – ho etsa mohlala, o kgaoletswe phepelo ya metsi ntle le ho tsebiswa mme o se na tjhelete ya ho lefella metsi, kapa o shebane le ho ntshwa ka tlung mme o se na moo o ka yang teng – O ka leka ho fumana mmuelli hore a o thuse mme haeba o sa kgone, o ka leka ho toba lekgotleng la dinyewe ho sireletsa ditokelo tsa hao. Empa haeba taba e sa potlaka, hangata ho molemo ho bontsha hore o lekile ditsela tse ding pele ho rarolla bothata, ho kenyeletsa ho tletleba mmusong, ho ya dikopanong le ditshebetso tse ding tse balletsweng tataisong ena.

Mokgatlo wa heno o lokela ho batla hore ke disebediswa dife tsa molao tse leng teng setjhabeng sa heno, ho sa kgathalatsehe hore o rera ho qala ketso ya molao kapa tjhe. Hape o ka iteanya le mekgatlo e meng e lenaneng le ka morao la tataiso ena.

Ho na le ditsela tse mmalwa tseo mokgatlo wa heno o ka lekang ho fumana mmuelli ka tsona – O ka iteanya le Boto ya Thuso ya Molao (Legal Aid Board), Mokgatlo wa Molao wa Aforika Borwa (Law Society of South Africa), mokgatlo o jwalo ka Khomishene ya Ditokelo tsa Botho (South African Human Rights) Commission, kapa NGO ya molao kapa ofisi ya dikeletso. Sheba lenane la mekgatlo e ka thusang kholomong e ka lehlakoreng.

Ho ya lekgotleng la dinyewe ntle le mmuelli
Haeba ha o kgone ho fumana mmuelli mme o hloka ho ikemela ka kgotla, dikeletso tse latelang di ka thusa.

  • Tlisa bopaki ba hao kaofela lekgotleng la dinyewe ka letsatsi la ho mamelwa ha nyewe ya hao, ho kenyeletsa batho ba tla bua lebitsong la hao le dipampiri dife kapa dife tseo o batlang hore moahlodi a di shebe, tse jwalo ka dibili le bopaki ba ho di lefa kapa bopaki ba hore ha o kgone ho lefella ntlo kapa ditshebeletso, ditshepiso tseo puso e di entseng ho wena, jj.
  • Itsebise lekgotleng la dinyewe mme o bolelle moahlodi seo o batlang hore a o etsetse sona. Moahlodi o tla fana ka taelo qetellong ya nyewe ka hoo o se lebale ho hlalosa hore setjhaba sa heno se bona tharollo e le efe. Sena se bitswa tharollo ya bothata ka thuso ya molao.
  • O tla fuwa monyetla wa ho botsa lehlakore le leng dipotso nyeweng, kapa dipaki tsa lona, ka hoo itokisetse ho ba kopa ho fa moahlodi tsebiso e ka o thusang.

Melemo le dikotsi tsa ho ya lekgotleng la dinyewe Ho ya lekgotleng la dinyewe ho bile le ditlholo tsa bohlokwa tse mmalwa ditjhabeng, ha mmoho le ditlamorao tse itseng. Ke tsela e nngwe ya bohlokwa ya ho qobella mmuso wa lehae ho hlompha le ho phethahatsa ditokelo tsa hao tsa Molao wa Motheo. Leha ho le jwalo, qoso e ka boela ya ba le dikotsi tse itseng:

  • Ditsamaiso tsa molao di nka nako ya hao le bokgoni bo boholo. Ho bohlokwa ho ela hloko hore ketso ya molao e matlafatsa mekgatlo ya setjhaba ho na le ho e sitisa.
  • Ka dinako tse ding, ditokomane tsa molao le dingangisano di bonahala di le boima. Hangata di ka Sekgowa mme di ka thatafalla ditho kaofela tsa setjhaba hore di utlwisise. Ho aha bokgoni ba tsebo ya ho bala le ho ngola ya molao, kutlwisiso ya molao, ke karolo ya bohlokwa ya ho aha mokgatlo.
  • Ketso ya molao e hloka ho shebisiswa ka botlalo matsatsing, dinakong le direkotong tsa mangolo le dikopano. 
  • Ketso ya molao e ka batla tjhelete e ngata haholo, empa babuelli ba bang ba ka sebetsa mahala. O se tshabe ho botsa!
  • Ka dinako tse ding dinyewe di ka se hlolwe tlasa mabaka a tegeniki kapa a tsamaiso a sa amaneng le ditaba tsa nnete kapa bohlokwa ba nyewe. Hape, ho bohlokwa hore o dule o hlokometse ntho e nngwe le e nngwe.

Qoso ka bo yona e ke ke ya rarolla mathata kaofela a rona. Ha e etswa ka tsela e fosahetseng mokgatlo wa heno o ka kgeloswa le ho lelekwa ka ho lokela ho ba le nako le disebediswa tsa ho lokisa diteitemente, diafidaviti le ho ya dikopanong. Empa tshebetso ena e ka boela ya matlafatsa ebang motho e mong le e mong e le karolo ya yona.